BUKAKGAKOLLO YA BAKOMESHENARA BA DIKANO
Sepheyo sa bukakgakollo ena ke ho tataisa baetapele ba setso mosebetsing wa bona ho etseng hore ho be le phihlello e kgolwanyane botsamaising ba toka ha ba sebetsa jwalo ka bakomeshenara ba dikano le ho beha mekgwa ya tshebetso e lokelang ho latelwa ha ho tsamaiswa kano kapa boitlamo, ho nkuwa ha phatlalatso e tlamang kapa e nang le bopaki le tiisetso ya ditokomane.
B. BAETAPELE BA SETSO BAO E LENG DIOFISIRI TSA KGOTSO
Baetapele ba setso ke diofisiri tsa kgotso, ka tsela e jwalo ba na le matla a latelang:
a Matla a ho tshwara ntle warante: motho, ya etsang kapa lekang ho etsa tlolo ya molao, eo a nang le tumelo ya hore o balehile kapa o lekile ho baleha moo a neng a kwalletswe teng; motho ya nang le sesebediswa sa ho thuba ntlo kapa sepalangwa; motho ya fumanweng a na le thepa eo ho nahanelwang hore ke e utswitsweng kapa e fumanweng ka mokgwa o se nang botshepehi; motho ya fumanweng busio maemong a etsang hore a belaellwe hore motho eo o entse kapa o tla etsa tlolo ya molao; le motho ya belaellwang ho ba le leruo le utswitsweng jj. le b Matla a ho ntsha diwarante tsa ho tshwara.
C. BAETAPELE BA SETSO E LE BAKOMESHENARA BA DIKANO:
Baetapele bohle ba setso ke diofisiri tsa kgotso mme ka tsela e jwalo ke ditho ka maemo - tseo e leng bakomeshenara ba dikano. Setho ka maemo ? seo e leng mokomeshenara wa dikano ke motho eo hobane kantoro kapa boemo boo motho eo a bo tshwereng, e ba mokomeshenara wa dikano. Ha batho ba bang ba lokela ho etsa kopo ho Letona la Toka le Ntshetsopele ho ya ka Molao wa Motheo ba lokela ho thonngwa ho ba bakomeshenara ba dikano, enwa ha a etse kopo. Ha bakomeshenara ba thontsweng ba dikano ba fuwa ditifikeiti tsa ho thonngwa, mokomeshenara wa dikano eo e leng setho ka maemo ha a hloke setifikeiti, hobane o na le setifikeiti sa kantoro kapa maemo ao a a tshwereng.
D. MOSEBETSI WA MOKOMESHENARA WA DIKANO
Mokomeshenara wa dikano o thonngwa bakeng se itseng se ikgethang mme a ka sebetsa maemong ao sebakeng seo a se thonyeditsweng. Mosebetsi wa mokomeshenara wa dikano ke ho thusa ditho tsa setjhaba sa lehae ka ho tsamaisa kano kapa boitlamo kapa ho phatlalatsa kapa ho tsebisa ho nang le dipaki mothong ofe kapa ofe. Mosebetsi o mong wa mokomeshenara wa dikano, ke ho tiiswtsa dikgatiso tsa ditokomane hore ke tsa nnete tsa mantlha. Ha ho na tjhelete e tlang ho batlwa bakeng sa tsamaiso ya kano kapa boitlamo, ho paka phatlalatso kapa ho tiisetsa tokomane. Mokomeshenara wa dikano ha a ya dumellwa ho tsamaisa kano kapa boitlalo tse bo mabapi le taba eo a nang le kgahleho ho yona. Lebaka ke hore motho ya pakang afidaviti ha ya lokela ho nka lehlakore le ho se kgethe mabapi le ntlha e leng fidaviting bakeng sa hore ya nang le seabo a se susumetswe ke ekng kapa eng ntlheng eo afidaviti e leng mabapi le yona. Tshebeletso ena ka bakomeshenara ba dikano, e etsa hore ho se konehe hore batho ba tsamaye ho tloha hole ho ya seteisheneng se haufiufi sa sepolesa kapa kantoro ya makgistrata bakeng sa thuso.
E. KENG SE KA ETSWANG HA MOETAPELE WA SETSO A SE MAEMONG A HO SEBETSA JWALO KA MOKOMESHENARA WA DIKANO:
Ha moetapele wa setso, ka baka la boitlamo bo itseng kapa mabaka a mang, ha a kgone ho sebetsa jwalo ka mokomeshenara wa dikano, mongodi kapa moetapele le ha e le ofe wa setjhaba ya fuweng matla ke moetapele wa setso, a ka ba mokomeshenara wa dikano wa baka seo, feela ka ho thonngwa ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Hore ho tle ho thonngwe ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, mokgwa o latelang o lokela ho latelwa:
Diforomo tsa kopo (J5) di a fumaneha kantorong ya makgistrata. Foromo ena e na le maqephe a tsheletseng. Maqephe a pele a mahlano a lokela ho tlatswa ke mokopi mme leqephe la ho qetela le hloka ho tlatswa ke makgistrata ya tlang ho ba a etsa dikgothaletso kopong. Ketsahalong ya hona, sena se bolela hore mokopi o tla ba le puisano le makgistrata, ka tlhophiso ya Tlelereke ya Lekgotla la Dinyewe la Baahi. Moo e leng hore mongdi wa moetapele wa setso kapa moetapele e mong feela ya fuweng matla ke moetapele wa setso, ho bohlokwa lengolo la kgothalletso la moetapele wa setso, le tsamaye le kopo. Makgistrata o tla romela foromo ya kopo mmoho le lengolo la kgothalletso ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo. Bahlanka Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ba tla sebetsana le kopo ho fihlela ho thonya ho etswa ke Motlatsi wa Leton/Letona kapa baemedi, bao ha ngata e bang ditho tse ka sehloohong tsa Lefapha. Setifikeiti se romelwa morao ho makgistrata ya tlang ho se fa mokopi.
F. MOKGWA WA HO TSAMAISA KANO KAPA BOITLAMO
Moamehi (motho ya entseng afidaviti) a ka ya ho mokomeshenara wa dikano ka afidaviti, ho ya nka kano kapa boitlamo. Mokomeshenara wa dikano o lokela ho botsa moamehi dipotso tse latelang:
i Hore e be o tseba le ho utlwisisa dikahare tsa phatlalatso;
ii Hore e be o na le ho se dumele ho nka kano e behuweng; le iii Hore e be o nka kano e behuweng e mo tlama boinotshing ba hae.
Kano e behuweng e tsamaiswa ka ho etsa hore moamehi a bue mantswe a latelang: ?Ke hlapanya hore dikahare tsa phatlalaso ena ke nnete, Modimo o nthuse.? Moamehi o tla kotjwa ho phahamisa letsoho la hae le letona ho nka kano ya hae.
Moo e leng hore moamehi o dumela hore o utlwisisa dikateng tsa phatlalatso le ho tsebisa mokomeshenara wa dikano hore o hanana le ho nka kano kapa o tsebisa mokomeshenara wa dikano hore ha a nke kano e mo tlama bothong ba hae, mokomeshenare wa dikano o tla tsamaisa boitlamo. Boitlamo bo tsamaiswa ka ho etsa hore moamehi a bue mantswe a latelang: ?Ke itlama ka nnete hore dikateng tsa phatlalaso ena ke nnete.?
Moamehi o tla lokela ho tekena phatlalatso moo mokomeshenara wa dikano a leng teng. Moo e leng hore moamehi ha a kgone ho ngola, moamehi ya jwalo o lokela hore botenng ba mokomeshenara wa dikano, a behe letshwao ka tlasa boitlamo. Ha mokomeshenara wa dikano a sa tshepe hore moamehi ha a kgone ho ngola, o tla batla hore ho se kgone ho jwalo ho tiisetswe qetellong ya phatlalaso ke motho e mong ya tshepahalang.
Ka mora hore moamehi a tekenne kapa a behile letshwao, mokomeshenara wa dikano o tla tiisa hore moamehi o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikateng tsa phatlalatso mme o tla hlalosa MOKGWA, SEBAKA le MOHLA wa ho nkuwa ha phatlalatso. Mokomeshenara wa dikano o tla tekena phatlalatso le ho ngola lebitso la hae ka botlalo le aterese ya hae ya mosebetsi ka tlase ho motekeno wa hae, le ho hlalosa boemo ba hae le sebaka seo a se thonyeditsweng kapa maemo kantorong ao a a tshwereng. ?Aterese ya Mosebetsing? e bolela aterese ya bodulo mme e se ya poso.
Ditempe tse seng di entswe di teng bakeng sa ho thusa bakomeshenare ba dikano ho tsamaisa kano kapa boitlamo ntle le tshenyo ya nako.
G. MOKGWA WA HO TIISETSA DITOKOMANE
Kgatiso ya tokomane e lokelang ho tiisetswa e le ya nnete ya mantlha, e lokela ho bapiswa le tokomane ya mantlha mme ho lokelwa ho netefatswa hore ditokomane ka bobedi ke, hantlentle, ntho e le nngwe. Ha mokomeshenara wa dikano a na le bonnete ba hore kgatsio ka nnete ke kgatiso ya nnete ya tokomane ya mantlha mme ho se na ditokiso tse sa dumellwang tse entsweng, mokomeshenara wa dikanoo tla lokela ho ngola fatshwe kapa ho tempa hore o tiisesa hore tokomane ke kgatiso ya nnete ya tokomane ya mantlha mme ha ho na matshwao a hore toomane ya mantlha e hlakotswe ke batho ba se nang matla a ho etsa jwalo. Ka mora moo komeshenara wa dikano o tla kenya motekeno le ho ngola lebitso, maemo, dintlha tsa ho ikopanya le mohla. Setempe se seng se entswe se teng ho tiisetsa ditokomane.
H. MAEMO A SEMOLAO
Ha kano kapa boitlamo bo sa nkuwa ka ho nepahala jwalo ka ha ho behuwe, mme taba ena e ya lekgotleng la dinyewe, afidafiti e tla phatlalatswa e sa sebetse mme e ka ba le ditlamorao tse tshabehang tseo mohlala, dinyeweng tsa tlolo ya molao, di ka lebisang ho ho lokollweng ha moqosuwa.
Ha mokomeshenara wa dikano a hloomela hore motho ya nkang polelo, o ne a sa batle ho nka kano, ha a ya lokela nkisa kano. Ho ne ho kile ha ba le nyewe moo moqusuwa ya neng a tshwerwe tlasa Molao wa Polokeho ya Kahare, ya ileng a re ka mora ho kwallwa boinotshing le dipotso, a tataiswa ke mohlanka wa sepolesa, a nka kano pela mokomeshenara wa dikano. Lekgotla la dinyewe le ile la qhala ho tshwarwa ha ho ne ho fumanwa hore moqosuwa o ile a qobellwa ho nka kano pela moomeshenara wa dikano.1
Ke tlolo ya molao ho etsa polelo e fosahetseng o tseba hore e fosahetse afidaviting, boitlamong kapa phatlalatsong e pakuweng, ho otsjet;ejiwe la setate,emte se fpsajetsemg se ;emg temg tpp,amemg. Bpmmete ba sona bo ile ba ikanelwa, kapa ba phatlalatswa pela motho ya nang le matla ho latela molao ho tsamaisa dikano kapa ho nkuwa ha diphatlalatso tse nang le bopaki.2
Boipelaetsong kgahlano le ho kwejwa lekgotleng la makgistrata bakeng sa ho feta moedi wa lebelo o lekanyeditsweng, ho ile ha fumanwa hore afidaviti e entsweng ke mohlanka wa sephethephethe ka sesebediswa se ileng sa sebedisetswa ho lekanya lebelo, se ne se sa lokela hobane mokomeshenara wa dikano a ile a hloleha ho ikamaya le ditlhoko tsa ho tsamaisa kano, ka ho:
i hloleha ho tekena phatlalaso le ho ngola leitso la hae ka botlalo le aterese ya mosebetsing ka tlasa motekeno wa hae, le ii ho hloleha ho bolela maemo a hae le sebaka seo a thonyeditsweng ho se tshwara kapa maemo kantorong ao a a tshwereng ha ho thonngwa ha hae ho le ka baka la ho ba setho ka maemo. Boipelaetso kgahlano le ho kwejwa bo ile ba atleha.3
Mokomeshenara wa dikano ya pakelang diafidaviti, ho hlokeha hore a se kgethe lehlakore, ikamahanye le ho ikemela ka hohlehohle kantorong moo afidaviti e neng e ralwa teng. Moo e leng hore mmuellli ya sebetsang le e mong, a ileng a sebetsa e le mokomeshenara wa dikano bakeng sa mosebetsi mmoho le yena, ho ile ha fumanwa hore o hlokile boikemelo ka hohlehohle le hore o ne a na le kgahleho. Lekgotla le ile la laela hoe afidaviti e lekolwe hape pela mokomeshenara wa dikano ya nang le bokgoni.4
Ha dikgatiso tsa ditokomane di sa tiisetswa ka nepo e le dikgatiso tsa sebele tsa tsa mantlha, mokomeshenara wa dikano ya tiiseditseng tokomane, a ka iphumana a le lekgotleng la dinyewe e le moqusuwa mmoho ka ho thusa motho e mong ho etsa boqhekanyetsi kapa e le paki ho fana ka bopaki ditokomaneng tse entsweng ka leshano.
I. MAEMO A DITJHELETE
Ditempe tse seng di entswe tse lokelang ho sebediswa ke moetapele wa setso e le mokomeshenara wa dikano, ha mmoho le enke e hlokehang, ha di na mme ha di keke tsa fanwa ke Mmuso. Tsena di lokela ho fumanwa ke moetapele wa setso ka ditjeho tsa hae.
J. DITEMPE
Ke netefata hore pele ke tsamaisa kano/boitlamo, ke ile ka botsa moamehi dipotso tselatelang le ho ngola dikarabo tsa hae fatshe a le ntse a le teng:
Na o tseba le ho utlwisisa dikateng tsa phatlalatso?
KARABO:????????..
Na o na le kganano le ho nka kano e behuweng?
KARABO:????????...
Na o nka kano e behuweng e o tlama boinotshing ba hao?
KARABO:????????...
Na o batla ho etsa boitlamo?
KARABO:?????????
Ke netefatsa hore moamehi o dumetse hore o tseba le ho utlwisisa dikateng tsa phatlalatso ena, e ileng ya ikanelwa/itlamelwa pela ka mme motekeno/kgatiso ya monwana/letshwao le ile la behwa botenng ba ka.
Motekeno Mabitso ka botlalo
Boemo (maemo)??????????????.setho ka maemo: REPHABOLIKI
YA AFRIKA BORWA
Mohla???????????????
Sebaka??????????????.
Aterese ya Mosebetsing???????????????????????
Tiisetso ya Ditokomane
TIISETSO YA KGATISO YA SEBELE YA TOKOMANE YA MANTLHA. HA HO NA MATSHWAO A HORE KGATISO YA MANTLHA E NA LE PHETOLO KE BATHO BA SE NANG TOKELO.
Boemo (maemo)??????????????????????????..setho ka maemo: Rephaboliki ya Afrika Borwa
Mohla???????????????
Sebaka??????????????.
Aterese ya Mosebetsing???????????????????????
Motekeno Mabitso ka botlalo
K. DIPEHELO TSE FANANG KA MATLA
i Ho behwa ha baetapele ba setso e le bakomeshenara ba dikano bao e leng ditho ka maemo U: Tsebiso ya Mmuso ya Nomoro R.1180 ya la 17 Pudungwana 2000.
ii Ho thonyetswa ho ba mokomeshenara wa dikano: Karolo 51 ya Molao wa Bahlanka ba Kgotso le Bakomeshenara ya Dikano, 1963 Molao wa 16 wa 1963.
iii Ho behwa ha ditho ka maemo ha bakomeshenara ba dikano: Karolo ya 6 ya Molao wa Bahlanka ba Kgotso le Bakomeshenara ba Dikano, 1963 Molao wa 16 wa 1963.
iv Lenane la ditho ka maemo la bakomeshenara ba dikano: Tsebiso ya Mmuso ya R.903 ya 10 Phupu 1998.
v Lenane la Diofisiri tsa Kgotso: Tsebiso ya Mmuso ya R.159 ya la 2 Hlakola 1979.
vi Phatlalatso ya batho ba itseng e le Diofisiri tsa Kgotso: Karolo ya 334 ya Molao wa Tsamaiso Tlolong tsa Molao, 1977 Molao wa 51 wa 1977.
vii Ho ntshuwa ha diwarante ke diofisiri tsa kgotso: Karolo ya 44 ya Molao wa Tsamaiso Tlolong tsa Molao, 1977 Molao wa 51 wa 1977.
L. DITOKOMANE TSE KENYELLEDITSWENG DIKGOMATHETSO
DIKGATISO TSE LATELANG TSA DITOKOMANE DI A KENYELLETSWA BAKENG SA TEKOLO:
i MAEMO A BAETAPELE BA SETSO E LE DITHO KA MAEMO TSEO E LENG BAKOMESHENARA BA DIKANO: TSEBISO YA MMUSO YA R.1180 YA LA 17 PUDUNGWANA 2000.
ii MOLAO WA BAHLANKA BA KGOTSO LE BAKOMESHENARA BA DIKANO, 1963 MOLAO WA 16 WA 1963;
v TSEBISO YA MMUSO YA R.903 YA LA 10 PHUPU 1998;
vi MELAWANA E LAOLANG TSAMAISO YA KANO KAPA BOITLAMO TSEBISO YA MMUSO YA R.1258 YA LA 21 PHUPU 1972;
vii KAROLO YA 40 YA MOLAO WA TSAMAISO DITLOLONG TSA MOLAO, 1977 MOLAO WA 51 WA 1977; LE
viii KAROLO 44 YA MOLAO WA TSAMAISO DITLOLONG TSA MOLAO, 1977 MOLAO WA 51 WA 1977.
